Morero o yang ka leano wa temo ya Afrika Borwa ke sehlahiswa sa tshebedisano pakeng tsa Mmuso, Agri SA mmoho le NAFU.

Maqalong a selemo sa 2001, Mopresidente Thabo Mbeki o ile a ipiletsa ho ba fapafapaneng ba amehang hore ba hlwaye leano le kopanetsweng le tlang ho fana ka tsepamisetso e lekaneng ho ka kopanya mokga ona. Ho tswa boipiletsong bona ho hlahile morero o yang ka leano wa mokga ona.

Tjhebelopele bakeng sa mokga ona e bolela seabo se tswellang se nang le ditholwana moruong wa temo wa Afrika Borwa ho tswa ho bohle ba amehang. E amohela tlhokeho ya ho boloka le ho hodisa tlhahiso ya kgwebo, ho aha bohlodisani ba maemo a matjhaba le ho sebetsana le lefa le lebe le tshekamelo ya leeme ho tswa mehleng ya pele tse ileng tsa baka phihlelleho le boemedi bo sokameng. E fana ka setshwantsho se hlakileng sa moo temo ya Afrika borwa e batlang ho ipona e le teng nakong e telele e tlang.

Morero o yang ka leano o na le maano a mararo a bohlokwa-hlokwa:

• Phihlelleho le seabo se nang le tekatekano

Maikemisetso a leano lena ke ho hodisa phihlelleho le seabo menyetleng e tliswang ke temo; ho fedisa borabe thuong ya lefatshe le dikgwebo; le ho lokolla bokgoni bo felletseng ba bohwebi mokgeng ona.

• Bohlodisani ba maemo a lefatshe ka bophara mmoho le ho ba le phaello

Sepheo sa leano lena ke ho hodisa ho etswa ha phaello ka tshebediso ya bohlodisani maemong a lefashe ka bophara phepelong ya tse kengwang, tlhahiso ya motheo, ho sebetswa ha tsa temo mmoho le di-indaseteri tse kopantshitseng temo le bohahlaodi.

• Tsamaiso e ka bolokwang e tswella ya mehlodi

Leano lena le ka sepheo sa ho hodisa bokgoni ba borapolasi ba ho sebedisa mehlodi ka mokgwa o ka bolokwang o tswella le ho netefatsa tshebediso le tsamaiso e bohlale ya mehlodi ya tlhaho.

Dikarolwana tse ding tsa maano ana a bohlokwa-hlokwa di a tlatselletsana mme di tla kenya letsoho ho aheng le ho kgutliseng tshepo temong. Ka ho nahanela sena, sehlopha sa tshebetso se ile sa hlwaya maano a sehlotshwana a hlokahalang a tshehetso le a ho etsa hore dintho di etsahale:

• Puso e ntle

• Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng e hokahantsweng le e ka bolokwang e tswella

• Tsebo le boiqapelo bo botjha

• Tshebedisano ya dinaha tsa matjhaba

• Polokeho le tshireletseho

Maikemisetso ana a yang ka leano a tlatselletsanang a fana ka motheo o hlokolosi oo sepheo se yang ka leano se ke keng sa fihlellwa ntle le ona. A boetse hape a toboketsa ho itshetleha ha mokga ona ho tshehetso ya dihlopha tse ding tsa mafapha le di-indaseteri.

Balekane ba ikabetseng boikarabelo ba ho kenngwa ha morero ona tshebetsong ba tla boela ba hlahise merero e kenelletseng ya mehato ya tshebetso. Lebakeng lena, balekane ba ka sehloohong ba tla theha komiti ya kopanelo ya moshwelella. Ba boetse ba etsa matsapa a ho kenyeletsa mekgatlo ya basebetsi, mekgatlo eo e seng ya mmuso, mekgatlo ya baahi mmoho le mekgatlo ya dinaheng tsa kantle.

Jwalo ka mohato wa pele ho kgannella morero o yang ka leano ho fihla lekgatheng la ho kenngwa tshebetsong, balekane ba yang ka leano ba hlwaile mananeo le mehato ena e latelang ya tshebetso e tlang pele-pele:

• Ho kenya tshebetsong leano la polokeho le tshireletseho le itshetlehileng ka mekga e phatlalletseng, bakeng sa tshebetso e ntle le botsitso ba setjhaba, ho tshepela le ho ba le tshepo

• Ho kgothaletsa tjhebelopele e kopanetsweng ka temo, puso e ntle le ditshebetso tsa kopanelo le setjhaba

• Ho potlakiswa ha lenaneo la kabo ya lefatshe botjha bakeng sa ntshetsopele ya temo mmoho le ditshebetso tsa matlafatso bakeng sa dihlopha tse tobilweng

• Ho fetolwa ha diphuputso tsa temo, ho fetisetswa ha theknoloji, thuto mmoho le katoloso hore di kgone ho ka arabela ka ho eketsehileng ho mebaraka

• Ho hlaloswa botjha ha moelelo wa thomo ya ho bapatswa ha temo le kgwebisano ya matjhaba mehleng ya ka mora taolo ya diboto, kgahlanong le tlhodisano e kgolwane ya lefatshe ka bophara mmoho le ditlhoko tsa ho fihlelleha ha mebaraka, popeotheo le tlhahisoleseding

• Ho hloma mekgwa e tshepahalang ya tekodisiso ya dipalopalo le moruo wa tsa temo, e tlang ho fihlelleha ho borapolasi le dikgwebo tsohle

• Ho theha mokgwa o hokahantsweng wa ditshebeletso tsa ditjhelete tsa dibaka tsa mahaeng o hlaloswang ke Raporoto ya Khomishene ya Strauss

• Ho hlahisa mokgwa o sebetsang hantle wa tsamaiso e hokahantsweng ya dikotsi tse ka hlahang bakeng sa mekgwa ya bophelo bo botle ya dimela le diphoofolo, mekgwa ya diporeisi le meputso mmoho le dikoduwa tsa tlhaho

• Ho tobisa maikemisetso ho peeletso ditsamaisong tsa ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng hore ho fanwe ka boiphediso, popeotheo, nosetso, motlakase, tsa dikgokahano ka mohala, dipalangwang, thupelo le ntshetsopele ya botsebi

• Ho theha lenaneo la tshebedisano ya temo bakeng sa hore Afrika e kgone ho etella pele matsapa a kaho ya Afrika e Ntjha temong

• Ho theola ditjeo tse akaretsang tsa tlhahiso, ho kenyeletswa le phokotso e eketsehileng ya makgetho le ditefiso tse hodima mafura a disele le disebediswa tse ding tse tshwanetseng ho kengwa.

Ho tsena kaofela, ba elellwa seabo sa mokga wa poraevete ho fihlelleng dipheo tsa ho ba le karolo, ho hlodisana le ho ka kgona ho tswella.

Kahoo he, ho tla etswa sohle ho netefatsa hore ho ba le tshebedisano le nyalanyo e kgolwanyane pakeng tsa mmuso le mokga wa poraevete – ho

bolelang borapolasi, mekgatlo ya borapolasi mmoho le dikgwebo tsa temo – hore ho fihlellwe tjhebelopele e ntjha ya mokga wa temo o kopaneng le o atlehileng.

Ho lebelletswe diphetho tsena tse latelang ho tswa ho phehellweng ha maikemisetso ana a yang ka leano:

• Ho bopjwa ho eketsehileng ha leruo dibakeng tsa temo le tsa mahaeng

• Khiro e eketsehileng e ka bolokwang e tswella lekaleng la temo

• Meputso e eketsehileng mmoho le dikuno tse eketsehileng tsa phapanyetsano ya tjhelete le dinaha tsa kantle

• Phokotso ya bofuma le ho se lekalekane thuong ya lefatshe le dikgwebo

• Tshebetso e eketsehileng ya bokgabane ho tsa dipolasi

• Tshireletseho e ntlafaditsweng ya phumaneho ya dijo naheng le malapeng

• Dibaka tsa mahaeng tse nang le botsitso le tse bolokehileng, maemo a theohileng a bosenyi le dikgoka, mmoho le ntshetsopele e tswellang ya dibaka tsa mahaeng

• Tshepo e ntlafetseng ya babeeletsi mmoho le peeletso e kgolwanyane ya ka hara naha le e tswang dinaheng tsa kantle ditshebetsong tsa temo le dibakeng tsa mahaeng

• Boikgantsho le seriti temong jwalo ka mosebetsi wa boiphediso mmoho le mokga

Balekane ba inehela ka boitlamo ho faneng ka nako e hlokehang mmoho le mehlodi ya ditjhelete le ya disebediswa ka sepheo sa ho kenya morero ona o yang ka leano tshebetsong.

 

Phatlalatso ena ya Morero o yang ka leano wa Temo ya Afrika Borwa e a fumaneha ho tswa
Resource Centre,
Department of Agriculture
Founu (012) 319 7141

mme e fumaneha hape le weposaeteng ya inthanete atereseng ya:
www.nda.agric.za

 

2002

Printed and published by the Department of Agriculture
Directorate Agricultural Information Services,
Private Bag X144, Pretoria 0001